Lyrics

Rato la hao Le mofuthu Le a tuka Le kgutsisa difefo Moyeng wa ka Le tlisa kgotso Pelong ya ka Ke rata ho ratwa ke wena O a rateha mahlong a ka O molemo bophelong ba ka Matsohong a hao Ke fumana phomolo Bosiu ke lora dirurubele Jo nna we! Jo nna we! Ke rata motho Helang bo! Helang bo! O hlola pelo ya ka Jo nna we! Jo nna we! Ke rata motho Helang bo! Helang bo! O hlola pelo ya ka Rato la ka (Ke wena feela) Pelong ya ka (Ho busa wena feela) Rato la ka (Ke wena feela) Pelong ya ka (Ho busa wena feela) Rato la ka (Ke wena feela) Pelong ya ka (Ho busa wena feela) Rato la ka (Ke wena feela) Pelong ya ka (Ho busa wena feela) Ke rata tsela eo O ntshwarang ka yona Ha o ntshuna teng Ke bona dinaledi Monate wa hao Ke wa mahe a dinotshi O nkga monate Ekare o dipalesa Bokamoso ba rona Ke o tshepela bona Mafifing a bosiu Ke tsetselela wena Ka tjheseho etsa thato Ya hao ka nna Sa ka ke sa hao Ikgotsofatse ka nna Jo nna we! Jo nna we! Ke rata motho Helang bo! Helang bo! O hlola pelo ya ka Jo nna we! Jo nna we! Ke rata motho Helang bo! Helang bo! O hlola pelo ya ka Rato la ka (Ke wena feela) Pelong ya ka (Ho busa wena feela) Rato la ka (Ke wena feela) Pelong ya ka (Ho busa wena feela) Rato la ka (Ke wena feela) Pelong ya ka (Ho busa wena feela) Rato la ka (Ke wena feela) Pelong ya ka (Ho busa wena feela)
Writer(s): Sethanause Josias Moloi Lyrics powered by www.musixmatch.com
instagramSharePathic_arrow_out