Lyrics

O mohau wa Modimo Ke kwetsa e kaakang! E ka ba o fe molomo O ka o bolelang? 'Na, esale o mphihlela, Ke maketse feela! 'Na, esale o mphihlela, Ke maketse feela! Modimo o n'o mphumane Tseleng ya tahleho; Tsa lefatshe di ntahile Ke fedile Kutlo; Ke pheela, ke mathela Bosawana feela. Ke pheela, ke mathela Bosawana feela. Ke buswa ke ditakatso Tse jang pelo yaka Di mpofile ke le mofo, Ke hola le tsona. Ke ne ke se na ho hana, Le ha di mpolaya. Ke ne ke sa ho hana, le ha di mpolaya. Jo, motho ya thotofetseng, Ya sheleng le mahlo, Ka mathela boreleding, Dintshing tsa selomo! Jo 'na, ke ne ke mo soma Ya reng wa ntemosa! Jo'na, ke ne ke mo soma Ya reng wa ntemosa! Ke ha ntate a mphallela Ke mohau wa hae; Hoja o ntlohetse fela, Na nka be ke le kae? A phakisa a ntlhoibila, A ntshwara ka phela. A phakisa a ntlhoibila, A ntshwara ka phela. Ke ha a mpusetsa tseleng, A 'neya le kutlo A kgaola tse ntlamileng A mpha le bophelo Ka utlwa ke fetohile Mme ke pholohile!
Writer(s): Emma Mkhwanazi, Priscilla Lekaba, Aubrey Ntshalintshali, Patrick Mncube Lyrics powered by www.musixmatch.com
instagramSharePathic_arrow_out