Tsepo Tshola (The Village Pope)의 상위 곡
유사한 곡
크레딧
실연 아티스트
Tsepo Tshola
보컬
작곡 및 작사
Tsepo Tshola
작곡가
프로덕션 및 엔지니어링
Tsepo Tshola
프로듀서
Dumisani Dlamini
프로듀서
가사
O ne o nkadimile motswalle
Oa re putsa ka lerato.
Le ha pelo e utlwile bohloko
O entse thato ea hao.
Ntataise Jehova.
Ke mofokodi oa hao.
Ke thekeselle maotong a hao,
Uena mopholosi oa ka.
Ke bipeditsoe ke bohloko.
Tlholohelo ea moratuoa oa ka.
Ha ke tseke Ntate.
Empa ke ikopela matla.
Ntumelle hle Ntate.
Ka tiisetso le mamello.
Ke hohle hohle ke leke hore,
"Ho lokile, ho lokile."
Ee, ho lokile.
Ntate ha ke sa sepela
Hole le lehae laheso.
O nthuse ke tsebe hore,
"Ho lokile, ho lokile."
Seo O nkadimileng sona,
Ha ore ke se busetse,
Le teng ke sa leka hore,
"Ho lokile, ho lokile."
Le ha O re ke lesane,
Le ba ratoang ho fetisa.
Le moo ke sa leka hore,
"Ho lokile, ho lokile."
Le ha lefu le bohale,
Le kgaola tshiu tsaka.
Ke sa ntse ke leka hore,
"Ho lokile, ho lokile."
Feela ha ke na le uena,
Bohlokong le dihlorisong.
Hohle ntate kentse ke re
"Ho lokile, ho lokile."
Writer(s): Tsepo Tshola
Lyrics powered by www.musixmatch.com