Lyrics

Bonang sefapanong 'Moloki wa batho, Ho re lopolla tahlohong A ineela lefu. A shwa ke lerato Lee a re ratileng; A re jarela thohako, Re lokollwe dibeng. A tsoha boimeng Ba dibe tsa rona; Lefu a le utlwa moeeng, Le tshiu ya lona. Digororo tsa hae Ke phophi tsa madi; Serapeng sa Gethsemane Tsa rothela fatshe. Mora wa Modimo A tliswa Golgotha; Ka ho jara sefapano A fediswa matla. A rweswa Mmitlwa A phungwa maoto; Dibe tsa rona di a utlwa Ho ba di bohloko. A fehwa sefateng, A nyaroha hampe. Ba mohlaba lehlakoreng Ka rumo le lebe Empa ho fedile Molao o phethilwe; Madi jwale a lefile, Tsohle di lokile.
Writer(s): Tsepo Tshola Lyrics powered by www.musixmatch.com
instagramSharePathic_arrow_out